BIBELE e Halalelang

Haggai 1:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:

2. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Setjhaba sena se re: Nako ha e eso ho tle; hase nako eo ntlo ya Jehova e ka hahuwang ka yona! ...

3. Lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai, la re:

4. Hleka ho lona ke nako ya ho dula matlung a lona a manehilweng ka dipolanka, athe ntlo ena ke lesupi?

5. Mme jwale, ho bolela Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona: Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane;

6. le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.