BIBELE e Halalelang

Habakuke 3:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Seqha sa hao se kgurumolotswe, se hlahile; metsu ya hao ke lentswe la hao ha le kgalemela. (Sela.) O petsola lefatshe, ho le fetola dinoka.

10. Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.

11. Letsatsi le kgwedi di eme nqalong tsa tsona ke ho tshoha lesedi la metsu ya hao e fetang, le kganya ya lerumo la hao le phatsimang.

12. O haola lefatshe ka kgalefo, o hatakela ditjhaba ka bohale.

13. O tswela ho pholosa setjhaba sa hao, ho pholosa motlotsuwa wa hao! O thuhaka hlooho ya ntlo ya e mobe, o be o kwaholle metheo ya yona, o e senye ho isa marulelong. (Sela.)

14. Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.

15. O tsamaya hodima lewatle, le pere tsa hao hodima qubu tsa metsi a maholo.

16. Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.

17. Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.

18. Empa haele nna, ke tla ithabela ho Jehova, ke nyakalle ho Modimo wa poloko ya ka.

19. Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be jwaloka a dikgama; o tla ntsamaisa hodima nqalo tsa ka tse phahameng.Ho mophokodi. Ka diletsa tsa ka tse tidinngwang.