BIBELE e Halalelang

Genese 50:12-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Bara ba Jakobo ba etsa ka yena kamoo a neng a ba laetse kateng.

13. Bara ba hae ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo pata lehaheng la tshimo ya Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tshimo, hore e be setsha sa hae sa mabitla, ho Efrone, Mohete, ka nqa botjhabela ho Mamre.

14. Eitse ha Josefa a patile ntatae a kgutlela Egepeta, yena le banababo, le bohle ba neng ba ile le yena ho ya pata ntatae.

15. Yare ha banababo Josefa ba bona hoba ntata bona o shwele, ba bolellana, ba re: Jwale Josefa o tla re hloya, a busetse ho rona bobe bohle boo re kileng ra mo etsa bona?

16. Yaba ba bolella Josefa, ba re: Ntatao o kile a re bolella a eso ho shwe, a re:

17. Le tle le re ho Josefa: Oho! ke a o rapela, ako tshwarele molato wa banabeno le sebe sa bona sa mohla ba o etsang hampe! Mme jwale, re a o rapela hore o tshwarele sebe sa bahlanka ba Modimo wa ntatao! Josefa a lla, ha ba bua le yena.

18. Banababo ba itlisa ka sebele, ba itihela pela hae, ba re: Bona, re bafo ba hao.

19. Yaba Josefa o re ho bona: Le se ke la tshoha; a nka hla ka ipea sebakeng sa Modimo?

20. Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.

21. Se tshabeng, le tla fepjwa ke nna, lona le bana ba lona. Mme a ba tshedisa, a bua le dipelo tsa bona.

22. Josefa a aha Egepeta, yena le ntlo ya ntatae: Josefa a phela dilemo tse lekgolo le nang le leshome.

23. Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.