BIBELE e Halalelang

Filemone 1:2-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. le Afia, ya ratwang, le Arkipe, molekane wa rona hlabanong, le kereke e ka tlung ya hao, ke re:

3. Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!

4. Ke leboha Modimo wa ka kamehla, ha ke ntse ke o hopola merapelong ya ka,

5. kamoo ke utlwang tumelo ya hao ho Morena Jesu kateng, le lerato la hao ho bahalaledi bohle.

6. Ke kopa hore tumelo ya hao, eo re kopaneng le wena ka yona, e tle e sebetse ka matla, o tle o bontshise molemo wohle o ka etsetswang Jesu Kreste ha heno.

7. Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.

8-9. Ka baka leo, leha ke ena le tokelo e kgolo, ka baka la Kreste, ya ho o laela se o tshwanelang, ke ikgethetse, ka baka la lerato, ho o rapela, nna, ke leng Pauluse, monna ya hodileng, ya bileng a tlamilwe tshiung tsena ka baka la Jesu Kreste:

10. ke rapella ho wena Onesima, ngwanaka, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong,

11. ya neng a se na thuso ho wena pele, empa jwale o na le thuso ho wena le ho nna, mme ke mo kgutlisetsa ho wena.

12. Mo amohele hle, hobane ke pelo ya ka ka sebele.

13. Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a dule le nna, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao, ditlamong tsa Evangeli;

14. empa ha ke a ka ka rata ho etsa letho ke eso ho tsebe molomo wa hao, hore botle boo ba hao bo se ke ba etswa ke wena ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho ithatela ha hao.