BIBELE e Halalelang

Filemone 1:15-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Hape, ekaba ha a ile a kgaohana le wena ka nakwana e kgutshwanyane, e ne e le hore o tle o boele o be le yena kamehla;

16. e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!

17. Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna.

18. Mme leha ekaba a kile a o tlatlapa ka hore hoitseng, kapa a na le molato ho wena, o ke o o batle ho nna.

19. Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao.

20. E, ngwaneso, a nke ke thabiswe ke wena Moreneng, o kgatholle pelo ya ka ho Kreste.

21. Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.

22. Hape, o ntokisetse ntlo; hobane ke tshepile hore ke tla le newa ka merapelo ya lona.

23. Epafrase, ya tlamilweng le nna ka baka la Jesu Kreste, o a o dumedisa;