BIBELE e Halalelang

Filemone 1:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a dule le nna, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao, ditlamong tsa Evangeli;

14. empa ha ke a ka ka rata ho etsa letho ke eso ho tsebe molomo wa hao, hore botle boo ba hao bo se ke ba etswa ke wena ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho ithatela ha hao.

15. Hape, ekaba ha a ile a kgaohana le wena ka nakwana e kgutshwanyane, e ne e le hore o tle o boele o be le yena kamehla;

16. e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!

17. Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna.

18. Mme leha ekaba a kile a o tlatlapa ka hore hoitseng, kapa a na le molato ho wena, o ke o o batle ho nna.

19. Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao.

20. E, ngwaneso, a nke ke thabiswe ke wena Moreneng, o kgatholle pelo ya ka ho Kreste.

21. Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.

22. Hape, o ntokisetse ntlo; hobane ke tshepile hore ke tla le newa ka merapelo ya lona.