BIBELE e Halalelang

Esthere 9:28-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. ba rera hore matsatsi ao a tla elellwa le ho kgethwa mehleng yohle, tlung e nngwe le e nngwe, le naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, le hore matsatsi ao a Purime a ke ke a hlokahala hara Bajuda, leha e le kgopotso ya teng ho hlakoha kelellong ya ditloholo tsa bona.

29. Mofumahadi Esthere, moradi wa Abikaile, le Mojuda Mordekai, ba ngola ba neilwe matla wohle, ba tiisa lengolo la bobedi hodima Purime.

30. Bajuda kaofela, ba leng dinaheng tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng tsa mmuso wa Assueruse, ba romelwa mangolo a ditaba tsa kgotso, le tsa nnete,

31. a ho bea matsatsi ao a Purime nakong ya wona e beilweng, jwalokaha Mojuda Mordekai le mofumahadi Esthere ba ba beetse wona, le jwalokaha ba ipeetse wona le ho a beela ditloholo tsa bona, bakeng sa ditaba tsa ho itima dijo, le tsa mehoo ya bona.

32. Taelo ya Esthere ya tiisa taba tseo tsa Purime, mme tsa ngolwa jwalo bukeng.