BIBELE e Halalelang

Esthere 9:18-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Empa Bajuda ba Susane bona ba phutheha ka la leshome le metso e meraro le ka la leshome le metso e mene la kgwedi yona eo, mme ba phomola ka la leshome le metso e mehlano, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo.

19. Ke ka baka leo Bajuda ba naheng, ba ahileng metseng e se nang marako, ba etsang letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare letsatsi la thabo le la monyaka, le letsatsi le mokete, leo ho romelanwang dimpho ka lona.

20. Mordekai a ngola ditaba tseo, mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, ho ba leng haufi le ho ba leng hole,

21. hore ho tiiswe hara bona hore, ka selemo se seng le se seng, ba tle ba kgethe letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare le letsatsi la leshome le metso e mehlano,

22. ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.

23. Bajuda ba dumela ho etsa seo ba neng ba se ba qadile ho se etsa, e leng seo Mordekai a ba ngoletseng sona.

24. Hobane, Hamane, mora Hammedatha, Moagage, motshwenyi wa Bajuda bohle, o ne a rerile morero wa ho timetsa Bajuda, mme o ne a laotse Pure, e leng ho re lotho, hore a ba qhale, a ba timetse.

25. Mme yanayare mohla Esthere a tlang pela morena, a laela ka mangolo hore morero o mobe o rerilweng ke Hamane wa ho lwantsha Bajuda, o busetswe hloohong ya hae, mme a fanyehwe sefateng, e le yena le bara ba hae.

26. Ke kahoo ba reileng matsatsi ao Purime, ka lebitso la Pure.Ka baka leo, eitse hobane ba bale taba tsohle tsa lengolo leo, le ho bona seo ba se boneng, le se ba hlahetseng,

27. Bajuda ba rera, mme ba ikgethela, ba kgethela le ditloholo tsa bona le bohle ba ka ba kgomarelang, hore ba ke ke ba lesa ho kgetha matsatsi ao a mabedi, selemong se seng le se seng, ka molao wa teng o ngodilweng, le ka nako e beilweng;

28. ba rera hore matsatsi ao a tla elellwa le ho kgethwa mehleng yohle, tlung e nngwe le e nngwe, le naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, le hore matsatsi ao a Purime a ke ke a hlokahala hara Bajuda, leha e le kgopotso ya teng ho hlakoha kelellong ya ditloholo tsa bona.

29. Mofumahadi Esthere, moradi wa Abikaile, le Mojuda Mordekai, ba ngola ba neilwe matla wohle, ba tiisa lengolo la bobedi hodima Purime.

30. Bajuda kaofela, ba leng dinaheng tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng tsa mmuso wa Assueruse, ba romelwa mangolo a ditaba tsa kgotso, le tsa nnete,

31. a ho bea matsatsi ao a Purime nakong ya wona e beilweng, jwalokaha Mojuda Mordekai le mofumahadi Esthere ba ba beetse wona, le jwalokaha ba ipeetse wona le ho a beela ditloholo tsa bona, bakeng sa ditaba tsa ho itima dijo, le tsa mehoo ya bona.