BIBELE e Halalelang

Esthere 9:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi, leo lentswe le taelo ya morena di neng di tshwanetse ho phethwa ka lona, e leng letsatsi leo dira tsa Bajuda di neng di tshepile hore di tla ba tsohela matla ka lona, ditaba tsa fetoha, mme Bajuda ya eba bona ba tsohelang ba ba hloileng matla.

2. Bajuda ba phutheha metseng ya bona, dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, hore ba ise letsoho ho bohle ba ratileng ho ba ntsha kotsi; ha ho a ka ha eba le a mong ya kileng a tseba ho ema pela bona, etswe letsoso la bona le ne le wetse ditjhaba tsohle.

3. Dihlooho tsohle tsa dinaha, le matona, le babusisi, le bohle ba tshwereng ditaba tsa morena, ba emela Bajuda, hobane letsoso la Mordekai le ne le ba wetse hodimo.

4. Hobane Mordekai o ne a le moholo tlung ya morena, mme botumo ba hae bo ne bo se bo ile dinaheng tsohle; hobane efela monna eo, Mordekai, o ne a eya a ntse a hola.

5. Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka lerumo, ya eba polao le timetso e kgolo, mme ba etsa ba ba hloileng ka thato ya bona.

6. Le Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaya, ba timetsa batho ba makgolo a mahlano;

7. ba bolaya le Parshandatha, Dalfone, Aspatha,

8. Poratha, Adalia, le Aridatha,

9. Parmashtha, Arissai, Aridai, le Faisatha,

10. e leng bara ba leshome ba Hammane, mora Hammedatha, motshwenyi wa Bajuda; empa ha ba ka ba hapa letho.

11. Tsatsing lona leo, palo ya ba bolaetsweng Susane, motse wa moreneng, ya behelwa morena.

12. Morena a re ho mofumahadi Esthere: Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaile, ba timeditse batho ba makgolo a mahlano le bara ba leshome ba Hamane. Ha ho le jwalo, ba entseng dinaheng tse ding tsa morena? Le jwale, o kopa eng? O tla e newa. O sa qosa eng? Ho tla etswa jwalo.

13. Esthere a re: Ha morena a dumela, Bajuda ba Susane ba boele ba dumellwe le hosasane ho etsa ka taelo ya kajeno, mme ho ke ho fanyehwe difateng bara ba leshome ba Hamane.

14. Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.

15. Ha ho le jwalo, Bajuda ba Susane ba boela ba phutheha ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare, mme ba bolaya batho ba makgolo a mararo Susane, ba mpa ba sa ka ba hapa letho.