BIBELE e Halalelang

Esthere 8:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ha ho le jwalo, ngolang lona ka lebitso la morena bakeng sa Bajuda kamoo le ratang kateng, mme le tiise ka lesale la morena; hobane lengolo le ngodilweng ka lebitso la morena, le tiisitsweng ka lesale la morena, ha le na ho kwenehelwa.

9. Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.

10. Mordekai a ngola ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiisa ka lesale la morena; a romela mangolo ka dititimi tse kaletseng dipere le ka ba palamileng tse lebelo, e leng dimulete tse tswetsweng ke dipere tse tshehadi.

11. Ka mangolo ao morena o ne a dumella Bajuda, motseng o mong le o mong, ho phutheha le ho lwanela bophelo ba bona, ho bolaya, ho fedisa le ho timetsa makgotla wohle a hlometseng a batho ba ka ba lwantshang dinaheng tsohle, hammoho le bana ba bona le basadi ba bona, le ho hapa dintho tsa bona.

12. Ha thwe, ba etse jwalo ka tsatsi le le leng dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, e leng ka tsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.

13. Kopi ya lengolo leo ya etswa hore e be taelo naheng e nngwe le e nngwe, mme e tumiswe ditjhabeng tsohle, hore Bajuda ba tle ba itokisetse tsatsi lona leo, hore ba tle ba iphetetse hodima dira tsa bona.

14. Dititimi tse kaletseng tse mathang e leng dimulete, tsa phakisa tsa tloha di akofisitswe ke taelo ya morena.Le Susane, motse wa moreneng, taelo eo ya laelwa.

15. Mordekai a tloha pela morena a apere seaparo sa borena sa purepera le sa lene e tshweu, a rwetse moqhaka o moholo wa kgauta, a ena le kobo ya lene le sekarelata. Mme motse wa Susane wa etsa ditlatse, o thabile haholo.

16. Bajuda ba dula leseding le thabong, nyakallong le hlonephong.

17. Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.