BIBELE e Halalelang

Esthere 8:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Morena a rola lesale la hae leo a neng a le amohile Hamane, a le nea Mordekai; mme Esthere a bea Mordekai monga ntlo ya Hamane.

3. Esthere a eketsa a bua pela morena; a itihela pela maoto a hae, a lla, a mo rapela hore a fedise morero o bolotsana wa Hamane, Moagage, le bohlale ba hae boo a rerileng Bajuda ka bona.

4. Morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta, mme Esthere a tsoha, a ema pela morena;

5. a re: Ha morena a dumela, leha ke fumane mohau pela hae, ha taba ya ka e lokile pela morena, hape ha ke le ya kgahlehang mahlong a hae, ho ke ho ngolwe, ho fetolwe mangolo a ngodilweng ka bohlale ba Hamane, mora Hammedatha, Moagage, a ngodilweng ke yena ho timetsa Bajuda ba dinaheng tsohle tsa morena;

6. hobane nka itiisa ho tadima kotsi e tla hlahela setjhaba sa heso, mme nka tiisa jwang ho tadima tshenyeho ya ba mofuta wa heso?

7. Morena Assueruse a re ho mofumahadi Esthere le ho Mojuda Mordekai: Bonang, ke neile Esthere ntlo ya Hamane, mme yena o ile a fanyehwa sefateng, hobane a ne a isitse letsoho la hae ho Bajuda.

8. Ha ho le jwalo, ngolang lona ka lebitso la morena bakeng sa Bajuda kamoo le ratang kateng, mme le tiise ka lesale la morena; hobane lengolo le ngodilweng ka lebitso la morena, le tiisitsweng ka lesale la morena, ha le na ho kwenehelwa.

9. Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.

10. Mordekai a ngola ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiisa ka lesale la morena; a romela mangolo ka dititimi tse kaletseng dipere le ka ba palamileng tse lebelo, e leng dimulete tse tswetsweng ke dipere tse tshehadi.