BIBELE e Halalelang

Esthere 8:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka lona tsatsi leo, morena Assueruse a nea mofumahadi Esthere ntlo ya Hamane, motshwenyi wa Bajuda, Mordekai yena a kena pela morena hobane Esthere o ne a mmoleletse seo a leng sona ho yena.

2. Morena a rola lesale la hae leo a neng a le amohile Hamane, a le nea Mordekai; mme Esthere a bea Mordekai monga ntlo ya Hamane.

3. Esthere a eketsa a bua pela morena; a itihela pela maoto a hae, a lla, a mo rapela hore a fedise morero o bolotsana wa Hamane, Moagage, le bohlale ba hae boo a rerileng Bajuda ka bona.

4. Morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta, mme Esthere a tsoha, a ema pela morena;

5. a re: Ha morena a dumela, leha ke fumane mohau pela hae, ha taba ya ka e lokile pela morena, hape ha ke le ya kgahlehang mahlong a hae, ho ke ho ngolwe, ho fetolwe mangolo a ngodilweng ka bohlale ba Hamane, mora Hammedatha, Moagage, a ngodilweng ke yena ho timetsa Bajuda ba dinaheng tsohle tsa morena;

6. hobane nka itiisa ho tadima kotsi e tla hlahela setjhaba sa heso, mme nka tiisa jwang ho tadima tshenyeho ya ba mofuta wa heso?