BIBELE e Halalelang

Esthere 4:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Mme Hathake a tla, a tsebisa Esthere mantswe a Mordekai.

10. Yaba Esthere o bua le Hathake, a mo laela hore a isetse Mordekai lentswe le reng:

11. Bahlanka bohle ba morena le setjhaba sa dinaha tsa morena, ba tseba hoba motho, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, ha a ka kena ho morena lebaleng le kahare a sa bitswa, molao o teng o sa fetoheng o laelang hore a bolawe, haese ha morena a ka mo nanabelletsa lere la hae la kgauta, a tle a phele; athe nna ha ke eso ho bitswe hore ke kene ho morena e se e le tshiu tse mashome a mararo.

12. Taba tsa Esthere tsa iswa ho Mordekai.

13. Yaba Mordekai o laela hore Esthere a fetolwe ka ho re: O se ke wa lekanya pelong ya hao hobane o tla phonyoha leha o le tlung ya morena, ho feta Bajuda bohle;

14. hobane, leha o ka ikgutsetsa nakong ena, thuso le ho namolelwa di tla hlahela Bajuda, di etswa hosele; haele wena le ntlo ya ntatao, le tla timela; ho tseba mang ha ekaba hase ka baka la nako e kang ena o fihlileng bofumahading!

15. Yaba Esthere o laela hore Mordekai a arajwe ka ho re:

16. Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.

17. Mordekai a tloha, a ya etsa kahohle kamoo Esthere a mo laetseng kateng.