BIBELE e Halalelang

Esthere 4:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Mordekai a tseba tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe le molora, mme a tswela hara motse, a ntse a howa ka mehoo e phahameng, e bohloko.

2. A fihla jwalo pela monyako wa morena, hobane motho ya apereng lesela le mahwashe o ne a sa dumellwe ho kena ka monyako wa morena.

3. Naheng e nngwe le e nngwe, nqalong tsohle moo lentswe la morena le taelo ya hae di fihlang teng, hlomoho ya eba kgolo ho Bajuda, le ho itima diho, le dillo, le ho bokolla; mme lesela le mahwashe le melora ya eba malao a ba bangata.

4. Barwetsana ba Esthere le matona a hae ba tla, ba mo tsebisa taba tseo. Mafumahadi a hlomoha haholo, mme a romela Mordekai diaparo ka ho re, a apare tsona, a hlobole lesela la hae le mahwashe; a mpa a se ke a di amohela.

5. Yaba Esthere o bitsa Hathake, le leng la matona a beilweng ke morena pela hae, a mo laela hore a ye ho Mordekai, a tle a utlwe taba e leng teng le lebaka la taba eo.

6. Hathake a tswela ho Mordekai a le lepatlelong la motse le pela monyako wa morena.

7. Mordekai a mo tsebisa tsohle tse mo hlahetseng, a mo lekanyetsa le ditjhelete tseo Hamane a itseng, o tla di ntshetsa bobolokelo ba morena sebakeng sa Bajuda, hore a ba timetse.