BIBELE e Halalelang

Esthere 4:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Mordekai a tseba tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe le molora, mme a tswela hara motse, a ntse a howa ka mehoo e phahameng, e bohloko.

2. A fihla jwalo pela monyako wa morena, hobane motho ya apereng lesela le mahwashe o ne a sa dumellwe ho kena ka monyako wa morena.