BIBELE e Halalelang

Esthere 3:3-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Bahlanka ba morena ba emang pela monyako wa morena, ba re ho Mordekai: O tlolelang taelo ya morena?

4. Ba nna ba mmolella jwalo ka matsatsi wohle, a mpa a hana ho ba utlwa; yaba ba tsebisa Hamane, hore ba tle ba bone ha mantswe a Mordekai e le a tiileng, etswe a ne a ba tsebisitse hobane ke Mojuda.

5. Eitse ha Hamane a bona hobane Mordekai a sa iname, a sa kgumame pela hae, Hamane a tlala bohale.

6. A mpa a nyonya ho isa letsoho ho Mordekai a nnotshi, kahobane a ne a boleleletswe mofuta wa Mordekai; ka baka leo, Hamane a batla kamoo a ka fedisang mofuta wa Mordekai kateng, e leng Bajuda ba mmusong wohle wa Assueruse.

7. Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.

8. Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.

9. Ha morena a dumela, ho ke ho ngolwe taelo ya ho ba timetsa, mme ke tla lekanyetsa ba tshwereng mosebetsi oo ditalenta tsa silefera tse kete tse leshome, ba tle ba di kenye bobolokelong ba morena.

10. Yaba morena o rola lesale letsohong la hae, a le nea Hamane, mora Hammedatha, Moagage, mohlorisi wa Bajuda.