BIBELE e Halalelang

Esthere 3:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, morena Assueruse a phahamisa Hamane, mora Hammedatha, Moagage; a mo hodisa, a phahamisa tulo sa hae ho feta tsa mahosana wohle ao a nang le wona.

2. Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.

3. Bahlanka ba morena ba emang pela monyako wa morena, ba re ho Mordekai: O tlolelang taelo ya morena?

4. Ba nna ba mmolella jwalo ka matsatsi wohle, a mpa a hana ho ba utlwa; yaba ba tsebisa Hamane, hore ba tle ba bone ha mantswe a Mordekai e le a tiileng, etswe a ne a ba tsebisitse hobane ke Mojuda.

5. Eitse ha Hamane a bona hobane Mordekai a sa iname, a sa kgumame pela hae, Hamane a tlala bohale.

6. A mpa a nyonya ho isa letsoho ho Mordekai a nnotshi, kahobane a ne a boleleletswe mofuta wa Mordekai; ka baka leo, Hamane a batla kamoo a ka fedisang mofuta wa Mordekai kateng, e leng Bajuda ba mmusong wohle wa Assueruse.

7. Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.