BIBELE e Halalelang

Esthere 1:6-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Teng, ho ne ho na le masela a lene e tshweu, le a sei, le a purepera, a neng a fanyehilwe ka dikgole tsa lene le tsa sekarelata masaleng a silefera le ditshiyeng tsa maramore e tshweu; hape, ho ne ho na le malao a kgauta le silefera mokatong wa porfira, le wa maramore e tshweu, le wa dikgetla, le wa majwe a matsho.

7. Ha nwelwa mehopeng ya kgauta, mehopeng e mefutafuta, veine ya morena e le ngata kamoo morena a ratileng ho fana kateng.

8. Taelo ya eba teng ya hore motho a se ke a qobellwa; hobane morena o ne a laetse matona wohle a ntlo ya hae jwalo, hore ho etsetswe e mong le e mong ka thato ya hae.

9. Haele mofumahadi Vashti, yena a etsetsa basadi seboka tlung ya borena, e leng ya morena Assueruse.

10. Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,

11. hore a tlise pela morena mofumahadi Vashti a rwetse moqhaka wa bofumahadi hloohong ya hae, hore a tle a bontshe ditjhaba le mahosana botle ba hae; hobane e ne e le motho ya sefahleho se setle.

12. Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.

13. Yaba morena o bua le babohlale ba tsebang dinako, — hobane taba efe le efe ya morena e ne e buwa jwalo pela bohle ba tsebang ditaelo le ditokelo;

14. mme ba neng ba le haufi le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarsise, Merese, Marsena le Memukane, e leng mahosana a supileng a Persia le Media, a neng a bona sefahleho sa morena, hape e le a dutseng ditulong tse phahameng mmusong. A re ho bona:

15. Ka melao e leng teng, e ka kgona mofumahadi Vashti a etswe jwang, haele mona a sa ka a etsa ka taelo ya morena Assueruse e isitsweng ho yena ke matona?

16. Yaba Memukane o araba pela morena le mahosana, a re: Mofumahadi Vashti ha a sitelwa morena a nnotshi, o sitetswe le mahosana wohle le ditjhaba tsohle tse naheng tsohle tsa morena Assueruse.

17. Hobane ketso eo ya mofumahadi e tla tuma hara basadi bohle, mme banna ba bona ba tla nyediseha mahlong a bona, ba be ba re: Morena Assueruse o ne a laetse hore ho tliswe mofumahadi Vashti pela hae, empa o hanne ho tla.

18. Ha ho le jwalo, ho tloha tsatsing lena, mafumahadi a Persia le Media a utlwileng ketso ya mofumahadi, a tla bua taba e le nngwe ho mahosana a morena, mme nyediso le kgalefo e ngata di tla ba teng.

19. Jwale, ha morena a dumela, taelo ya mmuso e ke e etswe ho yena, mme e ngolwe bukeng ya melao ya Persia le Media, e be e se nang ho fetoha, ya ho re, Vashti a se ke a hlola a etla pela morena Assueruse, mme morena a ke a nee bofumahadi ba hae ho e mong ya mo fetang ka molemo.

20. Taelo e etswang ke morena e tla utluwa mmusong wohle wa hae, leha o le moholo, mme basadi bohle ba tla hlonepha banna ba bona, ho qala ka e moholo ho isa ho e monyenyane.

21. Mantswe ao a kgahlisa morena le mahosana, mme Morena a etsa ka mantswe a Memukane;

22. a romela mangolo dinaheng tsohle tsa morena, naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, ha thwe, monna ka mong e be hlooho tlung ya hae, mme a tumise hona ka puo ya setjhaba sa habo.