BIBELE e Halalelang

Esthere 1:2-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. ke re, mehleng eo, eitse ha morena Assueruse a dutse teroneng ya mmuso wa hae, Susane, e leng motse wa moreneng,

3. selemong sa boraro sa puso ya hae, a etsa seboka, a se etsetsa mahosana wohle a hae, le bafo ba hae, le makgotla a Persia le a Media, le marenana, le babusisi ba dinaha tsa hae, ba phuthehileng pela hae.

4. A ba bontsha matlotlo le kganya ya mmuso wa hae, le botle le bokgabana ba boholo ba hae, ka ditshiu tse ngata, e leng ka ditshiu tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi.

5. Tshiu tseo ha di fetile, morena a etsetsa setjhaba sohle se Susane, motse wa moreneng, ho qala ka ba baholo ho isa ho ba banyenyane, seboka sa tshiu tse supileng, kahare ho motero wa dirapa tsa ntlo ya morena.

6. Teng, ho ne ho na le masela a lene e tshweu, le a sei, le a purepera, a neng a fanyehilwe ka dikgole tsa lene le tsa sekarelata masaleng a silefera le ditshiyeng tsa maramore e tshweu; hape, ho ne ho na le malao a kgauta le silefera mokatong wa porfira, le wa maramore e tshweu, le wa dikgetla, le wa majwe a matsho.

7. Ha nwelwa mehopeng ya kgauta, mehopeng e mefutafuta, veine ya morena e le ngata kamoo morena a ratileng ho fana kateng.

8. Taelo ya eba teng ya hore motho a se ke a qobellwa; hobane morena o ne a laetse matona wohle a ntlo ya hae jwalo, hore ho etsetswe e mong le e mong ka thato ya hae.

9. Haele mofumahadi Vashti, yena a etsetsa basadi seboka tlung ya borena, e leng ya morena Assueruse.

10. Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,

11. hore a tlise pela morena mofumahadi Vashti a rwetse moqhaka wa bofumahadi hloohong ya hae, hore a tle a bontshe ditjhaba le mahosana botle ba hae; hobane e ne e le motho ya sefahleho se setle.

12. Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.

13. Yaba morena o bua le babohlale ba tsebang dinako, — hobane taba efe le efe ya morena e ne e buwa jwalo pela bohle ba tsebang ditaelo le ditokelo;

14. mme ba neng ba le haufi le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarsise, Merese, Marsena le Memukane, e leng mahosana a supileng a Persia le Media, a neng a bona sefahleho sa morena, hape e le a dutseng ditulong tse phahameng mmusong. A re ho bona:

15. Ka melao e leng teng, e ka kgona mofumahadi Vashti a etswe jwang, haele mona a sa ka a etsa ka taelo ya morena Assueruse e isitsweng ho yena ke matona?

16. Yaba Memukane o araba pela morena le mahosana, a re: Mofumahadi Vashti ha a sitelwa morena a nnotshi, o sitetswe le mahosana wohle le ditjhaba tsohle tse naheng tsohle tsa morena Assueruse.