BIBELE e Halalelang

Esdrase 9:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, ka ema hona boikokobetsong ba ka, kobo ya ka le kojwana ya ka di hahotswe; ka kgumama ka mangole, ka otlollela matsoho a ka ho Jehova, Modimo wa ka,

6. ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.

7. Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.

8. Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re hauhetse ka motsotso o seng mokae, hore a tle a re siele masala a seng makae, le ho re etsetsa setshabelo nqalong ya hae e kgethehileng, hore Modimo wa rona o boele o edise mahlo a rona le ho tsosa bophelo ba rona hanyenyane, kgolehong ya rona.

9. Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.

10. Oho, Modimo, re tla reng jwalo kamora taba tsena? Hobane re furaletse melao ya hao,

11. eo o re laetseng yona ka bahlanka ba hao baporofeta, wa re: Lefatshe leo le tlang ho kena ho lona ho le rua, ke lefatshe le silafaditsweng ke ditshila tsa ditjhaba tsa dinaha tseo le ke manyala ao ditjhaba tseo di le tlatsitseng ka wona ditshileng tsa tsona, ho qala pheletsong e nngwe ho isa pheletsong e nngwe.

12. Oho, jwale, le se ke la nea bara ba bona baradi ba lona, mme le se ke la nkela bara ba lona baradi ba bona; le se ke la batla setswalle sa bona, leha e le matlotlo a bona le ka mohla o le mong, le tle le tsebe ho ipha matla, mme le je monono wa naha, le be le e siele bana ba lona e be lefa ka ho sa feleng.

13. Haele moo re se re kile ra hlahelwa ke tse ngata ka baka la ketso tsa rona tse mpe, le ka baka la melato e meholo ya rona, kanthe wena, Modimo wa rona, o kile wa re hauhela, o sa ka wa re otla ka kotlo e lekanang le makgopo a rona, o bile o re boloketse masala a makalo,

14. re boela re tlola melao ya hao jwang, le ho itswakanya le ditjhaba tseo tse manyala, ka ho nyallana le tsona? Na o ke ke wa re halefela, o be o re timetse, o se ke wa siya le masala, leha e le ya phonyohang na?

15. Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o lokile; rona re setse re le masala a phonyohileng jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Ke rona mona, re eme pela hao re le molato; athe ha ho ya ka emang pela hao a le jwalo!