BIBELE e Halalelang

Esdrase 9:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Taba tseo hobane di fele, dihlooho tsa atamela ho nna, tsa re: Setjhaba sa Iseraele le baprista le Balevi ha ba ka ba ikgetha ho ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, ba mpa ba entse ka manyala a tsona, e leng Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bajebuse, le Baammone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.

2. Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.

3. Eitse ha ke utlwa lentswe leo, ka hahola kobo ya ka le kojwana, ka hlotha moriri wa hlooho ya ka le ditedu tsa ka, mme ka dula fatshe ke tshohile.

4. Ha phuthehela ho nna bohle ba thothometswang ke mantswe a Modimo wa Iseraele, ka baka la boikgantsho jwa ba kgutlileng kgolehong; mme ka dula fatshe ke tshohile, ya ba ya eba nako ya sehlabelo sa mantsiboya.

5. Ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, ka ema hona boikokobetsong ba ka, kobo ya ka le kojwana ya ka di hahotswe; ka kgumama ka mangole, ka otlollela matsoho a ka ho Jehova, Modimo wa ka,

6. ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.

7. Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.

8. Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re hauhetse ka motsotso o seng mokae, hore a tle a re siele masala a seng makae, le ho re etsetsa setshabelo nqalong ya hae e kgethehileng, hore Modimo wa rona o boele o edise mahlo a rona le ho tsosa bophelo ba rona hanyenyane, kgolehong ya rona.

9. Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.

10. Oho, Modimo, re tla reng jwalo kamora taba tsena? Hobane re furaletse melao ya hao,