BIBELE e Halalelang

Esdrase 8:27-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. le mehope e mashome a mabedi ya kgauta, e theko ya didarike tse sekete; le dipitsa tse pedi tsa koporo e hlwekileng, tse benyang jwaloka kgauta, tse kang kgauta ka theko.

28. Ka re ho bona: Le kgethetswe Jehova; dipitsa le tsona di kgethehile; ha e le silefera le kgauta, ke mpho e etseditsweng Jehova, Modimo wa bontata lona, ka ho rata.

29. Fadimehang, le di boloke, ho fihlela mohla le tla lekanya boima ba tsona pontsheng ya dihlooho tsa baprista le Balevi, le dihloho tsa matlo a bontata Iseraele, hae Jerusalema, kamoreng tsa ntlo ya Jehova.

30. Ha ho le jwalo, baprista le Balevi ba amohela silefera le kgauta le mesebetsi e meng, ka boima ba tsona, e le hore ba tle ba di ise Jerusalema, tlung ya Modimo wa rona.

31. Ra tloha nokeng ya Ahava ka la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya pele, re lebile Jerusalema. Letsoho la Modimo wa rona la nna la eba ho rona, mme wa re namolela matsohong a dira le ho ba re laletseng tseleng.

32. Ra ba ra fihla Jerusalema, ra kgatholoha tshiu tse tharo teng.

33. Ka letsatsi la bone, ra lekanya boima ba silefera le kgauta le mesebetsi, re le ka tlung ya Modimo wa rona, ra di neela matsohong a moprista Meremothe, mora Uria, ba ena le Eleasare, mora Finease, le Josabade, mora Joshua, le Noadia, mora Binnui, e leng Balevi,

34. ka palo le ka boima ba tsona tsohle; boima ba tsohle ba ba ba ngolwa hona mohlang oo.

35. Yaba ba kgoleho ba neng ba kgutlile kgolehong, ba hlabela Modimo wa Iseraele mahlabelo a ditjheso; ha hlabelwa Baiseraele bohle dipoho tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse mashome a robileng mono o le mong a metso e tsheletseng, le dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe; tsohle tsa hlabelwa Jehova ka mokgwa wa ditjheso.

36. Hape, ba nea matona a morena le babusisi ba mose o kwano ho noka ditaelo tsa morena. Yaba bao ba emela setjhaba le ntlo ya Modimo.