BIBELE e Halalelang

Esdrase 8:21-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.

22. Hobane ke ne ke le dihlong tsa ho kopa sehlopha sa bahlabani le bapalami ho morena ho re lwantshetsa dira tseleng, etswe re ne re boleletse morena, ra re: Letsoho la Modimo wa rona le emela bohle ba o batlang, athe matla le bohale ba wona di lwantsha bohle ba o furallang.

23. Ra itima dijo jwalo, mme ra batla thuso ho Modimo wa rona, mme wa re utlwa.

24. Yaba ke kgetha baprista ba leshome le metso e mmedi ba dihlooho, e le Sherebia, le Hashabia, le banababo bona ba leshome;

25. ka ba lekanyetsa boima ba silefera le kgauta, le ba mesebetsi e leng kabelo e abetsweng ntlo ya Modimo wa rona ke morena le banna ba hae ba lekgotla le mahosana a hae le Baiseraele bohle ba neng ba le teng.

26. Ka di lekanya, mme ka ba nea talenta tsa silefera tse makgolo a tsheletseng a mashome a mahlano, le mesebetsi ya silefera e etsang talenta tse lekgolo, le talenta tsa kgauta tse lekgolo;

27. le mehope e mashome a mabedi ya kgauta, e theko ya didarike tse sekete; le dipitsa tse pedi tsa koporo e hlwekileng, tse benyang jwaloka kgauta, tse kang kgauta ka theko.

28. Ka re ho bona: Le kgethetswe Jehova; dipitsa le tsona di kgethehile; ha e le silefera le kgauta, ke mpho e etseditsweng Jehova, Modimo wa bontata lona, ka ho rata.

29. Fadimehang, le di boloke, ho fihlela mohla le tla lekanya boima ba tsona pontsheng ya dihlooho tsa baprista le Balevi, le dihloho tsa matlo a bontata Iseraele, hae Jerusalema, kamoreng tsa ntlo ya Jehova.

30. Ha ho le jwalo, baprista le Balevi ba amohela silefera le kgauta le mesebetsi e meng, ka boima ba tsona, e le hore ba tle ba di ise Jerusalema, tlung ya Modimo wa rona.