BIBELE e Halalelang

Esdrase 8:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. ho bara ba Shelomithe, ke mora Josifia, a ena le ba batona ba lekgolo le nang le mashome a tsheletseng;

11. ho bara ba Bebai, ke Sakaria, mora Bebai, a ena le ba batona ba mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi;

12. ho bara ba Asgade, ke Johanane, mora Hakkathane, a ena le ba batona ba lekgolo le nang le leshome le le leng;

13. ho bara ba Adonikame, e leng ba ho qetella, ke ana mabitso a bona: Elifelethe, Jeiele, le Shemaia, ba ena le ba batona ba mashome a tsheletseng;

14. ho bara ba Bigvai, ke Uthai le Sabbude, ba ena le ba batona ba mashome a supileng.

15. Ka ba phutha nokeng e mathelang Ahava, mme ra emisa teng tshiu tse tharo; eitse ha ke hlahloba setjhaba le baprista, ke se ke ka fihlela le a mong wa bara ba Levi.

16. Yaba ke romela ho bitsa Eliesere, Ariele, Shemaia, Elnathane, Jaribe, Elnathane, Nathane, Sakaria, le Meshullame, e leng dihlooho, le Jojaribe le Elnathane, banna ba kelello;

17. ka ba laetsa bakeng sa Iddo, kgosana ya nahanyana ya Kasifia, ka ba nea ditaba tseo ba tla di bolella Iddo, le ngwanabo, le Banethinime ba ahileng nahanyaneng ya Kasifia, ka re, ba re tlisetse ba tlang ho tshwara tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona.

18. Kamoo letsoho le molemo la Modimo wa rona le neng le ntse le le ho rona kateng, ba re tlisetsa monna ya kelello wa bara ba Mahadi, mora Levi, mora Iseraele, e leng Sherebia le bara ba hae le banababo, ba entse leshome le metso e robileng meno e le mmedi;

19. e mong ke Hashabia, a ena le Esaia wa bara ba Merari, le banababo le bara ba bona, ba entse mashome a mabedi.