BIBELE e Halalelang

Esdrase 8:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke tsena dihlooho tsa matlo a bontata bona, hape ke ana mangolo a masika a ba nyolohileng Babilona le nna, mehleng ya puso ya morena Artakserksese:

2. Ho bara ba Finease, ke Gershome; ho bara ba Ithamare, ke Daniele; ho bara ba Davida, ke Hatthushe;

3. ho bara ba Shekania, ke Sakaria wa bara ba Pareoshe, ya kileng a ngolwa hammoho le ba batona ba lekgolo le nang le mashome a mahlano;

4. ho bara ba Pakathe-Moabe, ke Eliwenai, mora Serahia, a ena le ba batona ba makgolo a mabedi;