BIBELE e Halalelang

Esdrase 7:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. A fihla Jerusalema ka kgwedi ya bohlano, e le ka selemo sa bosupa sa morena.

9. A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.

10. Hobane Esdrase o ne a sekehetse pelo ya hae ho batla molao wa Jehova le ho etsa ka wona, le ho ruta Baiseraele melao le dikahlolo.

11. Ke yona kopi ya lengolo leo morena Artakserksese a kileng a le nea Esdrase, moprista le mongodi, mongodi wa ditaelo tsa Jehova le wa melao ya hae e laetsweng Baiseraele.

12. Ha thwe: Ke le Artakserksese, morena wa marena, ke ngolla Esdrase, moprista le mongodi ya phethehileng molaong wa Modimo wa mahodimo. Jwalojwalo.

13. Ke laela hore bohle ba mmusong wa ka, bao e leng ba setjhaba sa Iseraele, le baprista ba bona le Balevi, ba ratang ho kgutlela Jerusalema ka thato ya bona le wena, Esdrase, ke re ba ka tsamaya.

14. O rongwa ke morena le banna ha hae ba supileng ba lekgotla ho ya hlahloba Juda le Jerusalema, kamoo ho laetsweng molaong wa Modimo wa hao kateng oo o o tshwereng matsohong a hao;

15. le ho ya le silefera le kgauta tseo morena le banna ba hae ba lekgotla ba di ntsheditseng Modimo wa Iseraele ka ho rata, oo tulo tsa wona di leng Jerusalema;

16. le silefera le kgauta tseo o ka di fumanang seterekeng sohle sa Babilona, hammoho le dimpho tse tla ntshetswa ntlo ya Modimo o Jerusalema ke setjhaba le baprista ka ho rata ha bona.

17. Ka baka leo, o ke o phakise o reke ka tjhelete tseo dipoho, le dipheleu, le dikonyana, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona, mme o di hlahise aletareng ya ntlo ya Modimo wa lona o Jerusalema.