BIBELE e Halalelang

Esdrase 7:6-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.

7. Ba bang ba bana ba Iseraele, baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le ba Banethinime, ba nyolohela Jerusalema le yena, e le ka selemo sa bosupa sa ho busa ha Artakserksese.

8. A fihla Jerusalema ka kgwedi ya bohlano, e le ka selemo sa bosupa sa morena.

9. A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.

10. Hobane Esdrase o ne a sekehetse pelo ya hae ho batla molao wa Jehova le ho etsa ka wona, le ho ruta Baiseraele melao le dikahlolo.

11. Ke yona kopi ya lengolo leo morena Artakserksese a kileng a le nea Esdrase, moprista le mongodi, mongodi wa ditaelo tsa Jehova le wa melao ya hae e laetsweng Baiseraele.

12. Ha thwe: Ke le Artakserksese, morena wa marena, ke ngolla Esdrase, moprista le mongodi ya phethehileng molaong wa Modimo wa mahodimo. Jwalojwalo.

13. Ke laela hore bohle ba mmusong wa ka, bao e leng ba setjhaba sa Iseraele, le baprista ba bona le Balevi, ba ratang ho kgutlela Jerusalema ka thato ya bona le wena, Esdrase, ke re ba ka tsamaya.

14. O rongwa ke morena le banna ha hae ba supileng ba lekgotla ho ya hlahloba Juda le Jerusalema, kamoo ho laetsweng molaong wa Modimo wa hao kateng oo o o tshwereng matsohong a hao;

15. le ho ya le silefera le kgauta tseo morena le banna ba hae ba lekgotla ba di ntsheditseng Modimo wa Iseraele ka ho rata, oo tulo tsa wona di leng Jerusalema;

16. le silefera le kgauta tseo o ka di fumanang seterekeng sohle sa Babilona, hammoho le dimpho tse tla ntshetswa ntlo ya Modimo o Jerusalema ke setjhaba le baprista ka ho rata ha bona.