BIBELE e Halalelang

Esdrase 7:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. mora Shallume, mora Tsadoke, mora Akitube,

3. mora Amaria, mora Asaria, mora Merajothe,

4. mora Serahia, mora Ussi, mora Buki,

5. mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.

6. E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.

7. Ba bang ba bana ba Iseraele, baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le ba Banethinime, ba nyolohela Jerusalema le yena, e le ka selemo sa bosupa sa ho busa ha Artakserksese.

8. A fihla Jerusalema ka kgwedi ya bohlano, e le ka selemo sa bosupa sa morena.

9. A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.

10. Hobane Esdrase o ne a sekehetse pelo ya hae ho batla molao wa Jehova le ho etsa ka wona, le ho ruta Baiseraele melao le dikahlolo.