BIBELE e Halalelang

Esdrase 7:12-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ha thwe: Ke le Artakserksese, morena wa marena, ke ngolla Esdrase, moprista le mongodi ya phethehileng molaong wa Modimo wa mahodimo. Jwalojwalo.

13. Ke laela hore bohle ba mmusong wa ka, bao e leng ba setjhaba sa Iseraele, le baprista ba bona le Balevi, ba ratang ho kgutlela Jerusalema ka thato ya bona le wena, Esdrase, ke re ba ka tsamaya.

14. O rongwa ke morena le banna ha hae ba supileng ba lekgotla ho ya hlahloba Juda le Jerusalema, kamoo ho laetsweng molaong wa Modimo wa hao kateng oo o o tshwereng matsohong a hao;

15. le ho ya le silefera le kgauta tseo morena le banna ba hae ba lekgotla ba di ntsheditseng Modimo wa Iseraele ka ho rata, oo tulo tsa wona di leng Jerusalema;

16. le silefera le kgauta tseo o ka di fumanang seterekeng sohle sa Babilona, hammoho le dimpho tse tla ntshetswa ntlo ya Modimo o Jerusalema ke setjhaba le baprista ka ho rata ha bona.

17. Ka baka leo, o ke o phakise o reke ka tjhelete tseo dipoho, le dipheleu, le dikonyana, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona, mme o di hlahise aletareng ya ntlo ya Modimo wa lona o Jerusalema.

18. Haele silefera le kgauta tse ka salang, wena le banabeno le tla sebetsa ka tsona ka thato ya Modimo wa lona, kamoo ho tla bona lona kateng.

19. Haele mesebetsi eo o e neilweng ya tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa hao, o e bee pontsheng ya Modimo o Jerusalema.

20. Tse ding tse ka batlelwang ntlo ya Modimo wa hao, tseo o tshwanetseng ho di ntsha o hle o di nke tlung ya bobolokelo ya morena.

21. Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,

22. ho kgutla talenteng tse lekgolo tsa silefera, le dikoreng tse lekgolo tsa koro, le dibatheng tse lekgolo tsa veine, le dibatheng tse lekgolo tsa ole, ka letswai le se nang ho ngolwa bongata.

23. Tsohle tse laetsweng ke Modimo wa mahodimo di ke di etsetswe ntlo ya Modimo wa mahodimo ka mokgwa o phethehileng, hore kgalefo ya wona e tle e se ke ya eba hodima mmuso le morena le bara ba hae.

24. Hape, re a le tsebisa hore, haele baprista bohle, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, le bahlanka ba ntlo eo ya Modimo, ba se ke ba ntshiswa lekgetho, leha e le sethabathaba, kapa kabelo.

25. Haele wena, Esdrase, ka bohlale ba Modimo wa hao boo o nang le bona, o ke o bee baahlodi le bahlahlobi ba ahlolang setjhaba sohle se mose wane ho noka, e leng bohle ba tsebang melao ya Modimo wa hao; haele e mong le e mong ya sa e tsebeng, le mo rute yona.

26. Mang le mang ya sa etseng ka molao wa Modimo wa lona le ka molao wa morena, a ahlolwe kapele, kapa a bolawe, kapa a lelekwe, kapa ho jewe ntho tsa hae, kapa a hlahlelwe teronkong.

27. Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,

28. ya mphumanisitseng mohau ho morena, le ho banna ba hae ba lekgotla, le ho mahosana wohle a matla a morena! Haele nna, ka nna ka ipha matla, kamoo letsoho la Jehova, Modimo wa ka, le neng le ntse le le ho nna kateng; ka ba ka phutha baholo ba Iseraele, hore ba nyolohe hammoho le nna.