BIBELE e Halalelang

Esdrase 6:9-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Leha e le tse ka hlokwang, kapa eleng dipohwana, kapa e leng dipheleu, le dikonyana tsa mahlabelo a ditjheso tse hlabelwang Modimo wa mahodimo, leha e le koro, kapa letswai, le veine, le ole, kamoo baprista ba Jerusalema ba ka di kopang kateng, ba ke ba di newe ka tsatsi le leng le le leng, ho sa fosehe teng,

10. ba tle ba tsebe ho ntshetsa Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate; hape ba rapelle ho phela ha morena le ha bara ba hae.

11. Ke laela hape e le nna, ke re, ha lentswe lena la ka le ka kgeloswa ke motho, ho ke ho rutlwe sefate tlung ya hae, a emiswe, a kgokgothelwe ho sona, mme ka molato oo ntlo ya hae e ke e fetolwe thotobolo ya moitedi.

12. Modimo o beileng lebitso la wona teng, o dihe morena e mong le e mong le setjhaba se seng le se seng, se tla otlolla letsoho ho kgelosa taba tsena, le ho senya ntlo eo ya Modimo o Jerusalema. Ke le Dariuse, ke laetse tsena; a di ke di etswe hona jwale.