BIBELE e Halalelang

Esdrase 6:16-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Yaba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le ba bang ba kgutlileng kgolehong, ba etsa kgakolo ya ntlo eo ya Modimo ka thabo;

17. kgakolong ya ntlo eo ya Modimo, ba hlaba poho tse lekgolo le le leng, le dipheleu tse makgolo a mabedi, le dikonyana tse makgolo a mane, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe sa Baiseraele bohle, ka palo ya meloko ya Iseraele.

18. Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.

19. Hape ba kgutlileng kgolehong ba etsa Paseka ka la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele.

20. Hobane baprista le Balevi ba ne ba itlhwekisitse, jwaloka hoja ke motho a le mong; ba ne ba hlwekile kaofela. Paseka eo ba e hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong le baprista banababo bona, mme le bona ba itlhabela.

21. Bana ba Iseraele ba kgutlileng kgolehong ba eja, ba ena le bohle ba hlobohaneng le ditshila tsa ditjhaba tsa lefatshe ho tla ikopanya le bona ho batla Jehova, Modimo wa Iseraele.

22. Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.