BIBELE e Halalelang

Esdrase 6:12-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Modimo o beileng lebitso la wona teng, o dihe morena e mong le e mong le setjhaba se seng le se seng, se tla otlolla letsoho ho kgelosa taba tsena, le ho senya ntlo eo ya Modimo o Jerusalema. Ke le Dariuse, ke laetse tsena; a di ke di etswe hona jwale.

13. Yaba Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, ba ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ha ba bona tse rometsweng ke morena Dariuse, ba phakisa ba etsa ka tsona.

14. Yaba baholo ba Bajuda ba haha ba iketlile, kamoo ho neng ho porofetilwe kateng ke moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo. Ba haha, ba phetha jwalokaha ho ne ho laetse Modimo wa Iseraele, le jwalokaha ho no ho laetse Siruse, le Dariuse, le Artakserksese, morena wa Persia.

15. Mme ntlo eo ya phethwa ka tsatsi la boraro la kgwedi ya Adare, e leng ka selemo sa botshelela sa ho busa ha morena Dariuse.

16. Yaba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le ba bang ba kgutlileng kgolehong, ba etsa kgakolo ya ntlo eo ya Modimo ka thabo;

17. kgakolong ya ntlo eo ya Modimo, ba hlaba poho tse lekgolo le le leng, le dipheleu tse makgolo a mabedi, le dikonyana tse makgolo a mane, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe sa Baiseraele bohle, ka palo ya meloko ya Iseraele.

18. Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.

19. Hape ba kgutlileng kgolehong ba etsa Paseka ka la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele.

20. Hobane baprista le Balevi ba ne ba itlhwekisitse, jwaloka hoja ke motho a le mong; ba ne ba hlwekile kaofela. Paseka eo ba e hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong le baprista banababo bona, mme le bona ba itlhabela.

21. Bana ba Iseraele ba kgutlileng kgolehong ba eja, ba ena le bohle ba hlobohaneng le ditshila tsa ditjhaba tsa lefatshe ho tla ikopanya le bona ho batla Jehova, Modimo wa Iseraele.

22. Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.