BIBELE e Halalelang

Esdrase 5:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Morena a ke a tsebe hoba re ne re ile setrekeng sa Juda, tlung ya Modimo o moholo; e hahuwa ka majwe a maholohadi a betlilweng; difate di bewa hodima marako, mme mosebetsi o etswa ka phakiso, hape o atleha matsohong a bona.

9. Re botsitse baholo, ra bua le bona, ra re: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo!

10. Ra ba botsa le mabitso a bona, re tle re o tsebise wona, re tle re ngole mabitso a banna ba ba tsamaisang.

11. Ba re fetotse, ba itse: Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe, mme re tsosa ntlo e neng e hahuwe kgale, ho se ho le dilemo tse ngata, e na beng e hahilwe, ya ba ya phethwa ke morena e moholo e mong wa Iseraele.

12. Empa eitse hobane bontata rona ba halefise Modimo wa mahodimo, wa ba neela matsohong a Nebukadnesare Mokalde, morena wa Babilona; ke yena ya neng a fedise ntlo ena, a ba a isa setjhaba Babilona kgolehong.

13. Leha ho le jwalo, ka selemo sa ho qala sa ho busa ha Siruse, morena wa Babilona, morena Siruse a laela hore ntlo ya Modimo e tsoswe.

14. Esita le mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, e neng e ntshitswe tempeleng ya Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a ya le yona, a e bea tempeleng ya Babilona, morena Siruse a e ntsha tempeleng ya Babilona, mme a e busetsa ho ya bitswang Sheshebatsare, ya beilweng mmusisi ke yena.

15. A re ho yena: Nka mesebetsi ena, o ye le yona, mme o e bee tempeleng ya Jerusalema, mme ntlo ya Modimo e fele e tsoswe setsheng sa yona.

16. Sheshebatsare eo o ne a tle jwalo; ke yena ya theileng metheo ya ntlo ya Modimo e Jerusalema; ha e sa le mohlang oo e ntse e hahuwa jwalo; le jwale ha e eso ho fele.

17. Ha ho le jwalo, ha morena a dumela, ho ke ho batlwe bobolokelong ba matlotlo a morena bo Babilona, ha ekaba taelo e kile ya laelwa ke morena Siruse, ya ho haha ntlo eo ya Modimo e Jerusalema; mme morena a ke a re romele thato ya hae bakeng sa taba eo.