BIBELE e Halalelang

Esdrase 5:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo, ba porofetela Bajuda ba leng Juda le Jerusalema ka lebitso la Modimo wa Iseraele o neng o bua le bona.

2. Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake ba tsoha, ba boela ba qala ho haha ntlo ya Modimo e Jerusalema, ba ena le baporofeta ba Modimo ba ba tlatsang.

3. Motsotsong oo, ha tla ho bona Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ba re ho bona: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo?

4. Yaba re a ba bolella, ra ba bolella le mabitso e banna ba hahang mohaho ona.

5. Empa leihlo la Modimo wa bona la nna la shadima baholo ba Bajuda, bano ba ba ba sitwa ho ba thibela, ha taba eo e sa ntsane e isitswe ho Dariuse, mme ho sa lebeletswe lengolo le arabang taba tseo.

6. Ke yona kopi ya lengolo le neng le rometswe ho morena Dariuse ke Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona ba Afarsa, ba mose o kwano ho noka.

7. Ba mo romela lengolo leo ho ngodilweng taba tsena ho lona; le re: Ho morena Dariuse, dumela haholo!

8. Morena a ke a tsebe hoba re ne re ile setrekeng sa Juda, tlung ya Modimo o moholo; e hahuwa ka majwe a maholohadi a betlilweng; difate di bewa hodima marako, mme mosebetsi o etswa ka phakiso, hape o atleha matsohong a bona.

9. Re botsitse baholo, ra bua le bona, ra re: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo!

10. Ra ba botsa le mabitso a bona, re tle re o tsebise wona, re tle re ngole mabitso a banna ba ba tsamaisang.

11. Ba re fetotse, ba itse: Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe, mme re tsosa ntlo e neng e hahuwe kgale, ho se ho le dilemo tse ngata, e na beng e hahilwe, ya ba ya phethwa ke morena e moholo e mong wa Iseraele.