BIBELE e Halalelang

Esdrase 4:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. le ho putsa baeletsi hore ba senye morero wa bona; ha eba jwalo ditshiung tsohle tsa ho phela ha Siruse, morena wa Persia, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse, morena wa Persia.

6. Mehleng ya morena Assueruse, qalong ya puso ya hae, ba ngola lengolo la ho qosa ba ahileng Juda le Jerusalema.

7. Hape, mehleng ya Artakserksese, Bishlame, le Mithredathe, le Thabeele, le balekane ba bang ba bona, ba ngolla Artakserksese, morena wa Persia; lengolo le ne le ngodilwe ka dihlaku tsa Searame, hape le ngodilwe ka puo oa Searame.

8. Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, ba ngolla morena Artakserkese lengolo hodima Jerusalema, ba re:

9. Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bang ba bona, Badine, le Baafarsathake, le Batharpele, le Baafarase, le Baereke, le Bababilona, le Basusane, le Badeha, le Baelame,

10. le ba ditjhaba tse ding tse faladitsweng, tse beilweng motseng wa Samaria ke Osnappare e moholo, ya tumileng, ba ena le ba bang hape ba mose o kwano ho noka ya Eufrate. Jwalojwalo.

11. Ke yona kopi ya lengolo le rometsweng ke bona ho morena Artakserksese: Rona, bafo ba hao, ba mose o kwano ho noka, jwalojwalo.

12. Ho ke ho tsejwe ke morena hore Bajuda ba tlohileng ho wena, ba ba ba tla ho rona Jerusalema, ba haha motse o ikgantshang, o mobe, hape ba se ba ya phetha marako, mme ba tsosa metheo ya wona.

13. Ha ho le jwalo, ho ke ho tsejwe ke morena hore, ha efela motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a ka phethwa, ha ba sa tla ntsha lekgetho le sethabathaba le kabelo, mme kahoo bobolokelo ba morena bo tla senyehelwa.

14. Jwale, haele moo re ja letswai la moreneng, mme ho sa re lokele hore re bone morena ha a senyehelwa, ke ka baka leo re rometseng ho morena, mme re mo tsebisa hore,

15. ha ho ka batlwa bukeng ya ditaba tsa ho phela ha bontatao, o tla fumana bukeng ya ditaba tseo, o be o tsebe hore motse ono ke motse o ikgantshang, o senyetsang marena le dinaha; le hore boikgantsho bo nnile ba eba teng motseng ono haesale le mehleng ya boholo; motse ono o bile wa fediswa ka baka leo.

16. Re tsebisa morena, re re, ha motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a phethwa, ha o sa tla hlola o rua letho mose o kwano ho noka.