BIBELE e Halalelang

Esdrase 4:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Empa Sorobabele, le Joshua, le dihlooho tse ding tsa matlo a bontata Baiseraele, ba re ho bona: Ha le na ho hahela Modimo wa rona ntlo hammoho le rona; re tla mpe re hahele Jehova, Modimo wa Iseraele, re nnotshi, kamoo re laetsweng ke morena Siruse, morena wa Persia kateng.

4. Yaba setjhaba sa naha tseo se qala ho tepeletsa matsoho a setjhaba sa Juda, le ho ba tshabisa ho haha,

5. le ho putsa baeletsi hore ba senye morero wa bona; ha eba jwalo ditshiung tsohle tsa ho phela ha Siruse, morena wa Persia, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse, morena wa Persia.

6. Mehleng ya morena Assueruse, qalong ya puso ya hae, ba ngola lengolo la ho qosa ba ahileng Juda le Jerusalema.

7. Hape, mehleng ya Artakserksese, Bishlame, le Mithredathe, le Thabeele, le balekane ba bang ba bona, ba ngolla Artakserksese, morena wa Persia; lengolo le ne le ngodilwe ka dihlaku tsa Searame, hape le ngodilwe ka puo oa Searame.

8. Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, ba ngolla morena Artakserkese lengolo hodima Jerusalema, ba re:

9. Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bang ba bona, Badine, le Baafarsathake, le Batharpele, le Baafarase, le Baereke, le Bababilona, le Basusane, le Badeha, le Baelame,

10. le ba ditjhaba tse ding tse faladitsweng, tse beilweng motseng wa Samaria ke Osnappare e moholo, ya tumileng, ba ena le ba bang hape ba mose o kwano ho noka ya Eufrate. Jwalojwalo.

11. Ke yona kopi ya lengolo le rometsweng ke bona ho morena Artakserksese: Rona, bafo ba hao, ba mose o kwano ho noka, jwalojwalo.

12. Ho ke ho tsejwe ke morena hore Bajuda ba tlohileng ho wena, ba ba ba tla ho rona Jerusalema, ba haha motse o ikgantshang, o mobe, hape ba se ba ya phetha marako, mme ba tsosa metheo ya wona.