BIBELE e Halalelang

Esdrase 4:2-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. tsa atamela ho Sorobabele le ho dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, tsa re: A re keng re hahe le lona, etswe le rona re batla Modimo wa lona jwaloka lona, mme re ntse re o hlabela, haesale mohla Esare-Haddone, morena wa Assiria, a re falaleditseng kwano.

3. Empa Sorobabele, le Joshua, le dihlooho tse ding tsa matlo a bontata Baiseraele, ba re ho bona: Ha le na ho hahela Modimo wa rona ntlo hammoho le rona; re tla mpe re hahele Jehova, Modimo wa Iseraele, re nnotshi, kamoo re laetsweng ke morena Siruse, morena wa Persia kateng.

4. Yaba setjhaba sa naha tseo se qala ho tepeletsa matsoho a setjhaba sa Juda, le ho ba tshabisa ho haha,