BIBELE e Halalelang

Esdrase 4:16-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Re tsebisa morena, re re, ha motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a phethwa, ha o sa tla hlola o rua letho mose o kwano ho noka.

17. Yaba morena o romela karabo e reng: Ho Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le ho Shimshai, mongodi, le ho balekane ba bang ba bona ba ahileng Samaria, le ho ba bang ba mose wane ho noka, kgotso e be teng! Jwalojwalo.

18. Lengolo leo le nthometseng lona le badilwe hantlentle pela ka.

19. Ka ba ka laela, mme ha batlwa, ha ba ha fumanwa hobane motse ono o nnile wa ikgantshetsa marena, haesale le mehleng ya kgale, mme ha nna ha hlaha boikgantsho le moferefere ho wona;

20. hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.

21. Ha ho le jwalo, laelang hore batho bano ba emiswe mosebetsing wa bona, le hore motse ono o se ke wa tsoswa, ho fihlela ho hlaha taelo e tswang ho nna.

22. Le iponele, le se ke la ba botswa tabeng eo; marena a ne a tla senyehelwa ka baka lang?

23. Eitse hobane kopi ya lengolo la morena Artakserksese e balwe pela Rehume, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bona, ba phakisa ba ya ho Bajuda Jerusalema, mme ba ba emisa ka matla le ke ntwa.

24. Yaba mosebetsi wa ntlo ya Modimo o Jerusalema o a ema; wa ema ho isa lemong sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, morena wa Persia.