BIBELE e Halalelang

Esdrase 4:14-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Jwale, haele moo re ja letswai la moreneng, mme ho sa re lokele hore re bone morena ha a senyehelwa, ke ka baka leo re rometseng ho morena, mme re mo tsebisa hore,

15. ha ho ka batlwa bukeng ya ditaba tsa ho phela ha bontatao, o tla fumana bukeng ya ditaba tseo, o be o tsebe hore motse ono ke motse o ikgantshang, o senyetsang marena le dinaha; le hore boikgantsho bo nnile ba eba teng motseng ono haesale le mehleng ya boholo; motse ono o bile wa fediswa ka baka leo.

16. Re tsebisa morena, re re, ha motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a phethwa, ha o sa tla hlola o rua letho mose o kwano ho noka.

17. Yaba morena o romela karabo e reng: Ho Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le ho Shimshai, mongodi, le ho balekane ba bang ba bona ba ahileng Samaria, le ho ba bang ba mose wane ho noka, kgotso e be teng! Jwalojwalo.

18. Lengolo leo le nthometseng lona le badilwe hantlentle pela ka.

19. Ka ba ka laela, mme ha batlwa, ha ba ha fumanwa hobane motse ono o nnile wa ikgantshetsa marena, haesale le mehleng ya kgale, mme ha nna ha hlaha boikgantsho le moferefere ho wona;

20. hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.

21. Ha ho le jwalo, laelang hore batho bano ba emiswe mosebetsing wa bona, le hore motse ono o se ke wa tsoswa, ho fihlela ho hlaha taelo e tswang ho nna.

22. Le iponele, le se ke la ba botswa tabeng eo; marena a ne a tla senyehelwa ka baka lang?

23. Eitse hobane kopi ya lengolo la morena Artakserksese e balwe pela Rehume, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bona, ba phakisa ba ya ho Bajuda Jerusalema, mme ba ba emisa ka matla le ke ntwa.