BIBELE e Halalelang

Esdrase 3:5-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.

6. Ho qala ka tsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba hla ba qala ho hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso; empa ke ha tempele ya Jehova e eso ho thewe.

7. Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.

8. Selemong sa bobedi sa ho fihla ha bona tlung ya Modimo o Jerusalema, ka kgwedi ya bobedi, Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake, le banababo bona ba bang bao e leng baprista le Balevi, le bohle ba neng ba kgutletse Jerusalema ba etswa kgolehong, ba qala ho sebetsa. Ha bewa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele hore ba tsamaise mosebetsi wa ntlo ya Jehova.

9. Kahoo, Joshua, le bara ba hae le banababo, le Kadmiele le bara ba hae, e leng bana ba Juda, ba ema jwaloka eka ke motho a le mong, hore ba tsamaise ba etsang mosebetsi wa ntlo ya Modimo, ba ena le bara ba Henadade, le bara ba bona le banababo, e leng Balevi.