BIBELE e Halalelang

Esdrase 2:67-70 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

67. le dikamele tse makgolo a mane a mashome a mararo a metso e mehlano, le diesele tse dikete tse tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mabedi.

68. Eitse hobane ba fihle tlung ya Jehova ya Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa ntlo ya Jehova dimpho ka ho rata ha bona, hore e tsoswe setsheng sa yona.

69. Hape, ka ho ikutlwa matla a bona, ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong, le dimina tsa silefera tse kete tse hlano, le diaparo tse lekgolo tsa baprista.

70. Jwale, ke ha baprista, le Balevi, le bao e leng batho feela, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, ba aha metseng ya bona; le Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.