BIBELE e Halalelang

Esdrase 2:60-68 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

60. Ke bana ba Delaia, le bana ba Tobia, le bana ba Nekoda, batho ba makgolo a tsheletseng a mashome a mahlano a metso e mmedi.

61. Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Habaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai, bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a bitswa ka lebitso la habo bona.

62. Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.

63. Mmusisi a ba bolella hore ba se no ja ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.

64. Phutheho kaofela, ha e balwa hammoho, ya etsa batho ba kete tse mashome a mane a metso e mmedi tse nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng,

65. kantle ho makgoba a bona a banna le a basadi a neng a etsa dikete tse supileng tse nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e supileng; ba makgolo a mabedi ho bona e ne e le dibini tsa banna le tsa basadi.

66. Hape, ba ne ba na le dipere tse makgolo a supileng a mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimulete tse makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mehlano,

67. le dikamele tse makgolo a mane a mashome a mararo a metso e mehlano, le diesele tse dikete tse tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mabedi.

68. Eitse hobane ba fihle tlung ya Jehova ya Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa ntlo ya Jehova dimpho ka ho rata ha bona, hore e tsoswe setsheng sa yona.