BIBELE e Halalelang

Esdrase 1:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.

6. Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.

7. Hape, morena Siruse a ntsha dipitsa tsa ntlo ya Jehova tse neng di nkilwe Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a di bea tlung ya modimo wa hae.

8. Siruse, morena wa Persia, a re, di ntshwe ke Mithredathe, mmoloki wa matlotlo; yaba eo o di nea Sheshebatsare, kgosana ya Juda.

9. Ke ena palo ya tsona: Mashome a mararo a merifi ya kgauta, le sekete sa merifi ya silefera, le mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong a dithipa,

10. le mashome a mararo a mehope ya kgauta, le makgolo a mane a nang le leshome a mehope ya silefera ya mofuta o mong, le sekete sa mesebetsi e meng.

11. Mesebetsi yohle ya kgauta le ya silefera ya etsa dikete tse hlano tse nang le makgolo a mane. Ntho tseo tsohle, Sheshebatsare a ya le tsona, mohla baholehuwa ba Babilona ba kgutlisetswang Jerusalema.