BIBELE e Halalelang

Esdrase 1:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.

3. Hara lona mang le mang eo e leng motho wa setjhaba sa hae, Modimo wa hae o ke o be le yena, mme a nyolohele Jerusalema naheng ya Juda, mme a hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa Iseraele; ke wona Modimo o leng Jerusalema.

4. Haele bohle ba setseng ba setjhaba sa Jehova, hohle moo ba jakileng teng, ba teng ba ke ba ba thuse ka silefera, le kgauta, le mesebetsi, le dikgomo, kantle ho dimpho tse ntshetswang ntlo ya Modimo o Jerusalema ka ho rata.

5. Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.

6. Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.