BIBELE e Halalelang

Esaia 9:16-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Badisa ba setjhaba sena ba se kgelosa, ba dumelang ho diswa ba lahleha.

17. Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

18. Hobane bolotsana bo hotetse jwaloka mollo; bo tjhesa meutlwa le dibajwa, bo tukisa meru e teteaneng, mme eo e fella mosing o lopallang hodimo.

19. Lefatshe le tjha ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, mme setjhaba se ba jwaloka dipatsi tse entsweng dijo tsa mollo; ha ho motho ya tla hauhela ngwanabo.

20. Ba lobela ka ho le letona, leha ho le jwalo ba shwa ke tlala; ba ja ka ho le letshehadi, empa ha ba ke ba kgora, e mong le e mong o ja nama ya letsoho la hae;

21. Manasse o ja Efraime, Efraime o ja Manasse, ba ntoo kopana hammoho ho ja Juda. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.