BIBELE e Halalelang

Esaia 9:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa lefifi le ke ke la nna la eba teng lefatsheng le leng tsietsing jwale; erekaha mehleng ya pele a swabisitse lefatshe la Sabulone le la Nefthali, mehleng ya qetello o tla tumisa naha e sikang le lewatle, le e mose wane wa Jordane, e leng Galelea wa baditjhaba.

2. Setjhaba se neng se tsamaya lefifing se bone lesedi le leholo, lesedi le kganyeditse ba ahileng naheng ya moriti wa lefu.

3. O atisitse setjhaba, o se sitsitse ka thabo e kgolo; ba tla thaba pontsheng ya hao, jwalokaha ho thajwa mohla kotulo, le jwalokaha ho thauthwa dithepa tsa kgapo.

4. Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.

5. Hobane seeta se seng le se seng seo motho a tlang ntweng a se rwetse, le kobo e nngwe le e nngwe e sudubaneng mading, di tla akgelwa mollong, di tjheswe ke malakabe a wona.

6. Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;

7. hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.

8. Morena o romela lentswe ho Jakobo, mme le kena Iseraeleng.

9. Setjhaba kaofela se tla le utlwa, e leng Efraime le ba ahileng Samaria, ba reng ka boikgantsho le ka boikgohomoso ba dipelo tsa bona:

10. Makote a heleditswe, empa re tla haha ka majwe a betlilweng; difate tsa sikomora di remilwe, empa re tla hloma dikedare bakeng sa tsona.

11. Jehova o ya ba hlahisetsa dira tsa Retsine tse ba fetisang ka matla, a tsose dira tsa Iseraele.

12. Basiria botjhabela, le Bafilesta bophirimela, hore ba je Iseraele ka molomo o ahlamileng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

13. Hobane setjhaba sena ha se kgutlele ho ya se otlang, ha se batle Jehova wa makgotla.

14. Ka baka leo, Jehova o tla kgaola Iseraeleng, ka tsatsi le le leng feela, hlooho le mohatla, lekala la palema le moseme.

15. E moholo le ya hlomphehang ke hlooho, moporofeta ya rutang leshano ke mohatla.