BIBELE e Halalelang

Esaia 9:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa lefifi le ke ke la nna la eba teng lefatsheng le leng tsietsing jwale; erekaha mehleng ya pele a swabisitse lefatshe la Sabulone le la Nefthali, mehleng ya qetello o tla tumisa naha e sikang le lewatle, le e mose wane wa Jordane, e leng Galelea wa baditjhaba.

2. Setjhaba se neng se tsamaya lefifing se bone lesedi le leholo, lesedi le kganyeditse ba ahileng naheng ya moriti wa lefu.

3. O atisitse setjhaba, o se sitsitse ka thabo e kgolo; ba tla thaba pontsheng ya hao, jwalokaha ho thajwa mohla kotulo, le jwalokaha ho thauthwa dithepa tsa kgapo.

4. Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.

5. Hobane seeta se seng le se seng seo motho a tlang ntweng a se rwetse, le kobo e nngwe le e nngwe e sudubaneng mading, di tla akgelwa mollong, di tjheswe ke malakabe a wona.

6. Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;

7. hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.

8. Morena o romela lentswe ho Jakobo, mme le kena Iseraeleng.

9. Setjhaba kaofela se tla le utlwa, e leng Efraime le ba ahileng Samaria, ba reng ka boikgantsho le ka boikgohomoso ba dipelo tsa bona:

10. Makote a heleditswe, empa re tla haha ka majwe a betlilweng; difate tsa sikomora di remilwe, empa re tla hloma dikedare bakeng sa tsona.