BIBELE e Halalelang

Esaia 8:8-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. E tla haola ka naha ya Juda, e phahame, e tswele kantle, metsi a yona a be a fihle molaleng, e otlolle mapheo a yona, e kwahele bophara bohle ba naha ya hao, Emmanuele.

9. Hlabang mokgosi, lona ditjhaba; le tla robakwa dikoto. Sekehang ditsebe, lona bohle ba ahileng dinaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto.

10. Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.

11. Hobane Jehova, mohla letsoho la hae le ntshwereng, a ntemosang hore ke se ke ka ya ka mehlala ya setjhaba sena, o mpoleletse, a re:

12. Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.

13. Kgethang lebitso la Jehova wa makgotla feela, e be yena feela le mo tshabang, le mo tshohang.