BIBELE e Halalelang

Esaia 8:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Yaba ke bitsa dipaki tse tshepehang, e leng moprista Uria le Sakaria, mora wa Jeberekia.

3. Ke le moporofeta ke ne ke atametse mosadi wa ka, yaba o a emola, a tswala mora; mme Jehova a re ho nna: O mo ree lebitso la Mahere-Shalale-Hashe-Base (ho phakiswe ho hapjwe, ho kgorolwe hang).

4. Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.

5. Jehova a eketsa a bua le nna, a re:

6. Erekaha tjhaba sena se nyatsitse metsi a Siloe a phallang butle, mme se thabetse Retsine le mora wa Remalia,

7. ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.

8. E tla haola ka naha ya Juda, e phahame, e tswele kantle, metsi a yona a be a fihle molaleng, e otlolle mapheo a yona, e kwahele bophara bohle ba naha ya hao, Emmanuele.

9. Hlabang mokgosi, lona ditjhaba; le tla robakwa dikoto. Sekehang ditsebe, lona bohle ba ahileng dinaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto.

10. Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.