BIBELE e Halalelang

Esaia 8:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Hobane Jehova, mohla letsoho la hae le ntshwereng, a ntemosang hore ke se ke ka ya ka mehlala ya setjhaba sena, o mpoleletse, a re:

12. Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.

13. Kgethang lebitso la Jehova wa makgotla feela, e be yena feela le mo tshabang, le mo tshohang.

14. E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.

15. Ba bangata ba bona ba tla kgoptjwa, ba we, ba robehe, ba tshwaswe, ba tshwarwe.

16. Phutha bopaki boo, o tiise thuto eo ho barutuwa ba ka.

17. Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.

18. Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.